PHUPUTSO YA AMP YA THIBELO YA HIV

Bafuputsi ba AMP ba phatlalatsa diphetho tse tswang Diphuputsong tsa AMP


AMP e emetseĀ Antibody Mediated Prevention. Ona ke mohopolo wa ho fa batho masole a mmele ho bona hore ebe a tla sireletsa batho kgahlanong le tshwaetso ya HIV.

Phuputso ena, eo hape e bitswang HVTN 703/HPTN 081, e etsa teko ya mohopolo o motjha bakeng sa thibelo ya HIV. Diphuputsong tsa tlwaelo tsa vaksine, re fa batho vaksine le ho bona haeba mmele ya bona e tla etsa masole a mmele kgahlanong le HIV e le karabelo Phuputsong ena, re tla tlola mohato oo, mme re fe batho masole a mmele ka kotloloho. Re tla etsa sena ka pompelo ya moriana mading, eo batho ba bang ba e tsebang haholo ka hore ke IV kapa ho fuwa teripi. Ena ke phuputso ya pele e lekang hore na lesole lena la hao la mmele le ka thibela tshwaetso ya HIV bathong.