Diphuputso tsa AMP di bontshitse hore lesole la mmele la VRC01 ya “monoclonal” le bolayang matla ka kakaretso le ka thibela ka polokeho phumano ya mefuta e itseng ya HIV.

  • Leha ho le jwalo, dipompelo tsa AMP VRC01 ha di a fana ka thibelo e bohlokwa ho lekana bakeng sa tsa dipalopalo thibelong ya phumano ya HIV ka kakaretso.
  • Sena se bolela hore mohlomong re tla hloka ho sebedisa ho feta lesole le le leng la mmele ho fihlella thibelo e sebetsang ka katleho ya masole a mmele bakeng sa HIV.

Diphuputso tsa AMP di ngodisitse batho ka botlalo ka Mphalane 2018. Bobedi ba diteko tsa moriana tsa Mokgahlelo wa 2b tse tsamaiswang ke HIV Vaccine Trials Network (HVTN) le HIV Prevention Trials Network (HPTN) di ngodisitse bankakarolo ba 4,625 ba kotsing ya tshwaetso ya HIV ho tswa ditjhabeng tsa Amerika Leboya le Borwa, Yuropo, le Afrika e ka Borwa ho Sahara.

Diphuputso di a tswella mme di dutse di sa senolwe ho fihlela bankakarolo bohle ba phethile diketelo tsa bona tsa bofelo tsa phuputso, e leng se lebeletsweng maqalong a 2021.

Tlhahisoleseding e eketsehileng e mabapi le Diphuputso tsa AMP le diphetho e ka fumanwa mona: